Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 13

Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 13: Ditjhelete

Ditaba tsa ditjhelete ka kakaretso

213. Letlole la Lekeno la Naha
1. Ho na le Letlole la Lekeno la Naha moo ditjhelete tsohle tse amohetsweng ke mmuso wa naha di lokelang ho leshwa, ka ntle ho tjhelete e ka tlamehang hore e se ke ya kenyeletswa ho ya ka Molao wa Palamente.
2. Ditjhelete di ka hulwa Letloleng la Lekeno la Naha—
a. dipehelo tsa ditekanyetso tse entsweng ke Molao wa Palamente; kapa
b. ha e le molato o jerweng ke Letlole la Lekeno la Naha o dumeletsweng ke Molaotheo kapa Molao wa Palamente.
3. Karolo ya tekatekano ya provense ya kuno e bokelleditsweng naheng ka bophara ke tefello e mabapi le Letlole la Lekeno la Naha.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 213:1 Pherekgong 1998.]

214. Tekano ya dikarolo le dikabo tsa lekeno
1. Molao wa Palamente o lokela ho nehelana bakeng la—
a. karolo e lekanang ya lekeno le entsweng boemong ba naha mahareng a naha, provense le mmuso wa selehae;
b. ho hlwauwa ha karolo e lekanang ya provense ka nngwe karolong ya lekeno ya diprovense; le
c. kabo e nngwe le e nngwe ho diprovense, mmuso wa selehae kapa masepala ho tswa karolong ya mmuso wa naha lekenong leo le maemo a mang le a mang ao dikabo tseo di etswang ho ona.
2. Molao o boletsweng karolwaneng (1) o ka fetiswa feela ha ho se ho buisanwe le mebuso ya diprovense le selehae e hlophisitsweng, ho se ho kopanwe le Khomishene ya Matlotlo mme dikgothaletso tsa Khomishene di se nahanisitswe, ho kenyeleditswe le—
a. dikgahleho tsa naha;
b. pehelo efe kapa efe e lokelang ho etswa mabapi le molato wa naha le ditlamo tse ding tsa naha;
c. ditlhoko le ditabatabelo tsa mmuso wa naha tse laolwang ke dipehelo tsa maikemisetso;
d. bohlokwa ba ho fana ka tiisetso ya hore diprovense le bomasepala ba tseba ho fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa ba be ba phethise mesebetsi eo ba e abetsweng;
e. bokgoni ba diprovense le bomasepala ba ho hlokomela le ho sebedisa matlotlo ka tshwanelo;
f. ntshetsopele le ditlhoko tse ding tsa diprovense le bomasepala;
g. ho se lekane ha moruo ka hara diprovense le ha di bapiswa le tse ding;
h. ditlameho tsa diprovense le bomasepala tse behilweng ho ya ka molao wa naha;
i. tlhokahalo ya dikabo tse tsitsitseng le tse ka akanngwang ka nepo tsa karolo ya kabo ya lekeno.
j. matjato mabapi le qomatsi kapa ditlhoko tse ding le mabaka a mang a beilweng hodima diteko tsa maikemisetso a tshwanang.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 214: 1 Pherekgong 1998.]

215. Ditekanyetso tsa naha, diprovense le bomasepala
1. Ditekanyetso tsa naha, provense le masepala le tsamaiso ya ditekanyetso di bonaletse, ho be le boikarabelo le taolo e atlehileng ya moruo, molato le mesebetsi ya mmuso.
2. Molao wa naha o lokela ho etsa dipehelo bakeng la—
a. sebopeho sa ditekanyetso tsa naha, diprovense le bomasepala;
b. nako eo ka yona ditekanyetso tsa naha le diprovense di tla tlalehwang ka yona; le
c. hore ditekanyetso lefapheng ka leng di lokela ho bontsha mehlodi ya matlotlo le tsela eo ka yona tekanyetso e nahannweng e tla tsamaelanang le molao wa naha ka teng.
3. Ditekanyetso lefapheng lefe kapa lefe la mmuso di lokela ho bontsha—
a. dikakanyo tsa lekeno le tshebediso di be di qaqise phapang mahareng a ditjhelete tse hlophiseditsweng ho sebediswa le tse seng di sebediswa;
b. ditshitshinyo tsa ho kwalwa ha kgahello eo ho nahanwang hore e ka ba e feng nakong eo di e balletsweng, mmoho; le
c. sesupo sa maikemisetso mabapi le kadimo le mefuta e meng ya melato e jarisweng bohle e tlang ho eketsa molato wa bohle selemong se hlahlamang.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 215: 1 Pherekgong 1998.]

216. Taolo ya matlotlo
1. Molao wa naha o lokela ho theha taolo ya matlotlo o be o behe mehato e tlang ho bontsha bosiyo ba sephiri le taolo ya tshebediso ya matlotlo mererong yohle ya mmuso, ka ho qapa—
a. mokgwa o amohelehang ho bohle wa ho bolokwa ha dibuka;
b. tlhophiso tse tshwanang tsa ditshenyehelo, mmoho le
ditshebetso tse tshwanang tsa taolo ya matlotlo.
2. Letlotlo la naha le tshwanetse ho kenya tshebetsong boikamahanyo ba metjha e hlalositsweng karolong (1) mme e ka emisa ho ka fetisa matlole lekaleng la mmuso e bang lekala leo la mmuso le tlola molao.

[Karolwana (2) e fetotswe ke karolo 5(a) ya Molao 7 wa 2001.]

3. Qeto ya ho thibela ho fetisetswa ha matlotlo provenseng ho latela karolo 214(1)(b) e ka etswa feela ho ya ka dipehelo tsa karolwana (2), le—
a. e ke ke ya thibela matlotlo ho feta matsatsi a 120; le
b. e ke ke ya sebediswa ka potlako empa e tla thisa ho boela morao ka ntle le haeba Palamente e dumela ho ya ka tsamaiso e tshwanang haholo le e thehilweng ho ya ka karolo 76(1) mme e balletswe ke melao e kopanetsweng le ditaelo tsa Palamente. Tsamaiso ena e lokela ho qetwa matsatsing a 30 a qeto ya taolo ya letlotlo la naha.

[Karolwana (3) e fetotswe ke karolo 5(b) ya Molao 7 wa 2001.]

4. Palamente e ka nna ya tsoseletsa qeto ya ho thibela ho fetiswa ha matlotlo ka nako e sa feteng matsatsi a 120 ka lekgatlo ka nako e le nngwe, ho latelwa tsamaiso e thehilweng karolwaneng (3).
5. Pele Palamente e ka ananela kapa ya tsoseletsa ho thibela ho fetiswa ha matlotlo ho ya provenseng—
a. Mohlakisikakaretso o lokela ho tlalehela Palamente; kapa
b. provense e lokela ho newa sebaka sa ho ikarabela menyenyetsing e kgahlanong le yona le ho hlalosa maikutlo a yona ka pela komiti.

217. Phumantsho ya thepa le ditshebeletso
1. Ha makala a puso a naha, provense le mmuso wa selehae kapa mekgatlo efe kapa efe e hlaloswang molaong wa naha, ditlamo tsa thepa le ditshebeletso, a lokela ho etsa jwalo ho ya ka tsamaiso e se nang leeme, e lekalekanang, e bonaletsang, e ka emelang phehisano le e ka bolokang tjhelete.
2. Karolwana (1) ha e thibele makala a puso kapa mekgatlo e boletsweng karolwaneng eo ka ho phethisa phumantsho ya leano le fanang ka—
a. mehato ya boikgethelo ha ho ajwa ditumellano; le
b. tshireletso kapa ntshetsopele ya batho kapa dihlopha tsa batho ba sitisiswang ke kgethollo e yang ka leeme.
3. Molao wa naha o lokela ho rala tsamaiso eo ka yona leano le amohelwang karolwaneng (2) le ka sebediswang ka teng.

[Karolwana (3) e fetotswe ke karolo 6 ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

218. Ditiisetso tsa mmuso
1. Mmuso wa naha wa provense kapa masepala o ka etsa tiisetso ka se kadinngweng, feela haeba tiisetso eo e ikamahanya le mabaka tse ngotsweng molao wa naha.
2. Molao wa naha o boletsweng karolwaneng (1) o ka fetiswa feela ka mora hore dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene ya Matlotlo le Taolo ya Matlotlo e nahanwe.
3. Selemong se seng le se seng mmuso o mong le o mong o lokela ho phatlalatsa tlaleho ya ditiisetso tseo o faneng ka tsona.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 218: 1 Pherekgong 1998.]

219. Meputso ya batho ba sebelletsang setjhaba
1. Molao wa Palamente o lokela ho etsa moralo oo ka ona ho lekanngwang—
a. meputso, ditumello le ditshwanelo ho ditho tsa Lekgotla la Naha la Diprovense, baromuwa ba ka mehla ba Lekgotla la Naha la Diprovense, ditho tsa Kabinete, Batlatsi ba Matona, marena le ditho tsa makgotla afe kapa afe a marena; le
b. maemo a hodimo a meputso, ditumello kapa ditshwanelo tsa ditho tsa makgotla a diprovense, ditho tsa Makgotla a Phethahatso le ditho tsa Makgotla a Bomasepala ba mehato e fapaneng.
2. Molao wa naha o lokela ho theha khomishene e ikemetseng ya ho etsa dikgothaletso ka meputso, ditumello le ditshwanelo tse boletsweng ho karolwaneng (1).
3. Palamente e ka fetisa molao o boletsweng ho karolwaneng (1) ha feela ho se ho nahannwe ka dikgothaletso dife kapa dife tsa khomishene e thehilweng ka dipehelo tsa karolwana (2).
4. lekgotla la phethahatso la naha, lekgotla la phethahatso la provense, masepala kapa bolaodi bofe kapa bofe bo amehang bo ka sebedisa molao wa naha o boletsweng karolwaneng (1) ka mora ho nahana ka dikgothaletso tsa khomishene tse thehilweng ho ya ka karolwana (2).
5. Molao wa naha o lokela ho etsa moralo wa ho beha meputso, ditumello le ditshwanelo tsa baahlodi, Motjhotjhisi le Mohlakisikakaretso, le ditho tsa khomishene efe kapa efe e thehilweng ka taelo ya Molaotheo, ho kenyeletswa le bolaodi ba kgaso bo boletsweng karolong 192.

Khomishene ya Ditjhelete

220. Ho thehwa le tshebetso
1. Ho na le Khomishene ya Ditjhelete le ya taolo ya Matlotlo a Rephaboliki e etsang dikgothaetso le lebeletsweng Kgaolong ena kapa molaong wa setjhaba, Palamenteng, makgotla a provense le bolaodi bo laolwang ke molao wa naha.
2. Khomishene e ikemetse mme e laolwa feela ke Molaotheo le molao mme e lokela ho se nke lehlakore.
3. Khomishene e lokela ho sebetsa ka Molao wa Palamente, mme sebetse mesebetsi ya yona, e lokela ho tadimisisa dintlha tsohle hammoho le tse ngotsweng karolong 214(2).

221. Ho thonngwa ha ditho le nako ya tsona tshebetsong
1. Khomishene e bopilwe ka basadi le banna ba latelang ba thontsweng ke Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso la naha:
a. modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo bao e leng ditho tse felletseng;
b. batho ba bararo ba thontsweng, ka mora ho kopana le Matona, ho tswa lenaneng le e ntsweng ka mokgwa o hlalositsweng ke molao wa naha;
c. batho ba babedi ba thontsweng, ka mora ho kopana le mmuso wa selehae, ho tswa lenaneng le entsweng ka mokgwa o hlalositsweng ke molao wa naha; le
d. batho ba bang ba robong.

[Karolwana (1) e fetotswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya bohlano ya Molaotheo wa 1999 le ho fetolwa ke karolo 7(a) ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

1A. Molao wa naha o hlaloswang karolwaneng (1) o tshwanetse o nehelane ka ho ba le seabo ha—
a. Matona lenaneng le hlalositsweng karolwaneng (1)(b); le
b. mmuso wa selehae lenaneng le hlalositsweng karolwaneng (1) (c).

[Karolwana (1A) e kentswe ke karolo 7(b) ya Molao 7 wa 2001.]

2. Ditho tsa Khomishene di lokela ho ba le tsebo e batsi.
3. Ditho di sebetsa nako e thehilweng ho ya ka molao wa naha. Mopresidente a ka nna a tlosa setho ofising ka lebaka la boitshwaro bo bobe, ho hloleha le ho se tsebe.

222. Ditlaleho
Khomishene e lokela ho tlaleha ka mehla Palamenteng le makgotleng a ketsamolao a provense.

Banka e Bohareng

223. Motheo
Reserve Bank ya Afrika Borwa ke banka e bohareng ya Rephaboliki mme e laolwa ke Molao wa Palamente.

224. Sepheo
1. Sepheo sa motheo sa Reserve Bank ya Afrika Borwa ke ho sireletsa matla thekong ya tjhelete molemong wa kgolo ya moruo o tsitsitseng mme o hola Rephaboliking.
2. Reserve Bank ya Afrika Borwa, ka ho leka ho fihlella sepheo sa yona, e lokela ho lokela ho phetha mesebetsi ya yona ka ntle ho tshabo ya letho, e sa sebetse ka leeme kapa ho nahanela empa ho be le puisano ya ka mehla mahareng a ditho tsa Banka le Kabinete tse ikarabellang ditabeng tsa ditjhelete tsa naha.

225. Matla le mesebetsi
Matla le mesebetsi ya Reserve Bank ya Afrika Borwa ke eo ka tlwaelo e etswang ke dibanka tse bohareng mme matla le tshebetso e lokela ho laolwa ke Molao wa Palamente mme di etswe di be di phethwe ho ya ka mabaka a balletsweng ke Molao oo.

Dintlha tsa Ditjhelete tsa Selehae le Provense

226. Matlole a Lekeno la Diprovense
1. Ho na le Letlole la Lekeno la provense bakeng la provense ka nngwe leo ho bokellwang ho lona ditjhelete tsohle tse lefelletsweng mmuso wa provense, ntle le tjhelete e qheletsweng thoko ke Molao wa Palamente.
2. Tjhelete e ka ntshwa Letloleng la Lekeno la Provense, ka—
a. dipehelo tsa ditekanyetso ka molao wa provense; kapa
b. ha e le molao o tobaneng le Letlole la Lekeno la Provense o dumellwang ke Molaotheo kapa molao wa provense.
3. Lekeno le abetsweng mmuso wa selehae ka provense provenseng eo ho latela karolo 214(1), ke molato o tobaneng le Letlole la Lekeno la provense eo.
4. Molao wa Naha o ka hlwaya moralo wa tshebetso oo—
a. molao wa provense o ka nehelanang ka kgulo ya tjhelete e le molato kgahlano le Letlole la Lekeno la Provense ho latela karolwana (2)(b); le
b. lekeno le abetsweng mmuso wa selehae ka provense provenseng eo e tshwanetse ho lefellwa ho bomasepala provenseng eo ho latela karolwana (3).

[Karolwana (4) e kentswe ke karolo 8 ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

[Letsatsi la qaleho ya karolo 226: 1 Pherekgong 1998.]

227. Mehlodi ya naha ya matlole a provense le mmuso wa selehae
1. Mmuso wa selehae le provense ka nngwe—
a. e lokelwa ke karolo e sa lekalekanang ya lekgetho le bokelleditsweng naheng ka bophara hore e tle e tsebe ho fana ka ditshebeletso tsa bohlokwa le ho etsa mesebetsi eo e e abetsweng; le
b. ho amohela dikabo tse tswang dikabong tsa lekeno la mmuso wa naha ka tlasa mabaka a nang le dipehelo kapa a se nang dipehelo.
2. Lekeno le eketsehileng le entsweng boemong ba diprovense kapa bomasepala le ka se tlose karolong ya lona ya lekeno le entsweng boemong ba naha kapa ho tswa dikabong tse ding tse entsweng bakeng la bona ho tswa lekenong la mmuso wa naha, ha hona qobello hore mmuso wa naha o ka lefa diprovense kapa masepala o sa phahamising lekeno la teng ho latela ditshebeletso tsa teng tsa matlotlo le lekgetho.
3. Karolo e lekanang ya lekeno la provense le entsweng boemong ba naha le tshwanetse le fetisetswe provenseng eo ka potlako ho sa fokotswa letho ka ntle le haeba phethiso eo e thibetswe ho ya ka karolo 216.
4. Provense e lokela ho ikgwantlella mehlodi efe kapa efe eo e e hlokang, ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo wa provense eo e ekelletsang ditlhoko tsa yona tseo Molaotheo ona o di hlahisang.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 227: 1 Pherekgong 1998.]

228. Makgetho a Diprovense
1. Lekgotla la ketsamolao la provense le ka lefisa—
a. makgetho, ditefello le makgetho a mang, lekgetho la keketso thekong, lekgetho la theko, lekgetho la matlo le thepa; le
b. ditefiso ka tekano hodima mehlodi ya makgetho bakeng sa lekgetho, tefello kapa tlamo e behilweng ke molao wa naha, ntle ho mehlodi ya makgetlo a dikgwebo tse kopanetsweng a kuno, lekgetho le eketsang boleng kapa ditlameho tsa thepa e romelwang.

[Serapa (b) se fetotswe ke karolo 9 ya Molao wa tokiso ya bosupa ya Molaotheo wa 2001.]

2. Matla a lekgotla la ketsamolao la provense a hore le lefise makgetho, ditefello, ditlamo le ditefiso—
a. a ke ke a sebediswa ka mokgwa o ka holofatsang maano a naha moruong, merero ya moruo pakeng tsa diprovense kapa tsamaiso ya thepa, ditshebeletso, mekotla ya kgwebo kapa ya basebetsi naheng ka bophara,
b. a laolwe ho ya ka Molao wa Palamente, o ka phethwang feela ka mora dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene ya Ditjhelete ha di se di nahannwe.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 228: 1 Pherekgong 1998.]

229. Matla a masepala ditjheleteng tsa lekgetho le tshebetso
1. Ho ya ka karolwana (2), (3) le (4), masepala a ka lefisa—
a. ditefello tsa matlo le keketso ditefellong mabapi le ditshebeletso tse entsweng kapa tse etseditsweng masepala; le
b. haeba di dumelletswe ke molao wa naha, lekgetho le leng, ditefello le lekgetho la thepa e tshwanelang mmuso wa selehae kapa mohatong wa mmuso wa selehae oo masepala eo a leng ka tlasa hae empa ho se masepala ya ka lefisang lekgetho, lekgetho la thekiso, lekgetho le kenyeleditsweng la theko le lekgetho la thepa.
2. Matla a masepala a ho lefisa ditefello tsa matlo, ditefello tse ekeditsweng ho tse lefilweng mabapi le ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona kapa tse etseditsweng masepala, kapa makgetho a mang, ditefello kapa makgetho a thepa—
a. a ke ke a phethwa ka tsela e tla tshwaetsa monahano o mobe mabapi le thepa le ho se utlwahale ha maano a moruo a naha, ditshebetso tsa moruo ho haola le meedi ya masepala, kapa ho tsamaiswa ha thepa, ditshebeletso, tjhelete kapa mosebetsi wa setjhaba; le
b. a ka laolwa ke molao wa naha.
3. Ha bomasepala ba babedi ba na le matla a ho lefisa lekgetho mmoho le mesebetsi ho ya ka sebaka se le seng, karolo e loketseng ya matla ao le mesebetsi eo e lokela ho etswa ho ya ka molao wa naha. Karolo e ka etswa ka morao ho hore feela ho nkuwe tsamaiso e latelang:
a. Tlhoko ya hore ho dumellanwe le metheo e utlwahalang ya lekgetho.
b. Matla le mesebetsi e phethwang ke masepela ka mong.
c. Matla a ho batla lekgetho a masepala ka mong.
d. Ho sebetsa ka ho atleha le ka bokgoni ba ho fumana makgetho, ditefello le ditefo tsa thepa.
e. Tekatekano.
4. Ha ho letho karolong ena le sa kenyeletseng ho arolelana ha makgetho ho ya ka karolo ena mahareng a bomasepala ba nang le matla a ho fumana lekgetho le mesebetsi sebakeng se le seng.
5. Molao wa naha o lebeletsweng karolong ena o ka phethiswa feela ka mora mmuso wa selehae o hlophisitsweng le Khomishene ya Ditjhelete le ya Lekgetho ha ho se ho builwe le tsona mme dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene di se di nahannwe.

[Letsatsi la qaleho ya karolo 229: 1 January 1998.]

230. Dikadimo tsa Diprovense
1. Provense e ka phahamisa kadimo ya tjhelete ho latela molao wa naha empa kadimo ya ditjhelete bakeng la ditjeho tsa jwale e ka phahamiswa e bang ho hlokahala bakeng la selemo sa ditjhelete
2. Molao wa naha o bolelwang karolwaneng (1) o ka fetiswa feela ha ho se ho tshohlilwe dikeletso tsohle tsa Khomishene ya ditjhelete le lekgetho.

[Karolo 230 e fetotswe ke karolo 10 ya Molao 7 wa 2001.]

230A. Dikadimo tsa masepala
1. Ho latela molao wa naha, Lekgotla la masepala le ka—
a. phahamisa dikadimo tsa teng bakeng la ditjeho tsa jwale empa dikadimo tseo di ka phahamiswa feela selemong sa ditjhelete;
b. itlama mmoho le lekgotla le tlang tshebetsong ya yona ya molao le bolaodi ba phethahatso ho ka fumana dikadimo kapa ho tsetela bakeng la masepala.
2. Molao wa naha o hlaloswang karolwaneng (1) o fetiswa ka mora kgothaletso ya khomishene ya ditjhelete.

[Karolo 230A e kentswe ke karolo 17 ya Molao wa tokiso ya leshome le metso e tsheletseng ya Molaotheo wa 2001.]