Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 5

Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa  (1996) 
Kgaolo 5: Mopresidente le Lekgotla la Naha la Phethahatso

83. Mopresidente
1. Mopresidente—
a. ke Hlooho ya Puso le hlooho ya lekgotla la phethahatso la Naha;
b. o lokela ho boloka, a sireletse a be a boulelle Molaotheo jwalo ka molao o okametseng e meng hara Rephaboliki; hape
c. o ntshetse pele kopano ya setjhaba le se ka tswellisang Rephaboliki pele.

84. Matla le mosebetsi wa Mopresidente
1. Mopresidente o na le matla ao a a filweng ke Molaotheo le molao, ho kenyeletswa e hlokehang hore a tle a phethise mesebetsi ya Hlooho ya puso le ya hlooho ya phethahatso ya naha.
2. Mopresidente o ikarabella ho—
a. dumeleng le ho saeneng Dibili;
b. kgutlisetsa Bili Palamenteng hore e tle e hlahlojwe hape hore e loketse Molaotheo;
c. kgutlisetsa Bili Lekgotleng la Molaotheo hore le etse qeto ka tumellano ya yona le Molaotheo;
d. bitseng Seboka sa Naha, Lekgotla la Naha la Diprovense kapa Palamente ho tla kopana ka nako e sa tlwaelehang ho tshohla morero o ikgethileng;
e. etsa kgetho efe kapa efe eo Molaotheo kapa molao e batlang Mopresidente a e etse, e se hlooho ya phethahatso ya naha;
f. thonya dikhomishene tsa dipatlisiso;
g. etsa kgweletso setjhabeng ho tshwara referandamo ho ya ka Molao wa Palamente;
h. amohela le ho ananela baemedi ba mebuso le baemedi ba dikgwebo ba mebuso ya baditjhaba;
i. thonya manqosa, baemedi ba nang le matla a phethahetseng, baemedi ba mebuso;
j. tshwarela kapa ho lokolla disenyi le ho hlakola ditefiso, dikotlo kapa ditahlehelo; le
neho tlotla.

[Tsebiso ka kakaretso; tebiso e hlomphehang e entsweng Gazeteng ya Mmuso 24155 ya 6 Tshitwe, 2002 le Gazete ya Mmuso 25213 ya Phupu, 2003]

85. Bolaodi ba phethahatso ba Rephaboliki
1. Matla a phethahatso Rephaboliking a diatleng tsa Mopresidente.
2. Mopresidente o sebedisa matla a phethahatso mmoho le ditho tse ding tsa Kabinete, ka—
a. ho kenya tshebetsong molao wa naha ntle le moo Molaotheo kapa Molao wa Palamente o hlalosang ka tsela e nngwe;
b. ho ntshetsa pele le ho sebedisa leano la naha;
c. ho hokahanya mesebetsi ya mafapha a puso le tsamaiso; le
d. ho lokisetsa le ho theha molao; le
e. ho phethisa mesebetsi e meng ya phethahatso eo ba e abetsweng ke Molaotheo kapa ke molao wa naha.

86. Ho kgethwa ha Mopresidente
1. Kopanong ya pele ka mora dikgetho, le moo ho hlokehang teng ho tlatsa sekgeo sa mosebetsi, Seboka sa Naha se kgethe mosadi kapa monna ho ditho tsa sona ho ba Mopresidente.
2. Moahlodi e moholo wa Lekgotla la Molaotheo e be modulasetulo wa dikgetho tsa Mopresidente kapa ho thongwe moahlodi e mong ho ba modulasetulo. Tsamaiso e ngotsweng kgaolong A ya Shejulu 3 e sebediswa le ho kgetheng Mopresidente.

[Karolwana (2) e lokisitswe ke karolo 6 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

3. Dikgetho tsa ho tlatsa sekgeo mosebetsing wa Mopresidente di lokela ho tshwarwa ka nako le ka letsatsi le behilweng ke Moahlodi e moholo empa ho se fete matsatsi a 30 a hoba ho qalwe ka mosebetsi.

[Karolwana (3) e lokisitswe ke karolo 6 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

87. Nako ya ho qala ho sebetsa ya Mopresidente
Ha o kgethetswe ho ba Mopresidente o tlohela ho ba setho sa Seboka sa Naha mme matsatsing a mahlano, o tshwanetse o ikane kapa o itlamela botshepehi Rephaboloking le ho ikokobelletsa Molaotheo jwalo ka ha ho hlalositswe Shejulung 2.

88. Nako ya tshebetso ya Mopresidente
1. Mopresidente o qala ho sebetsa ha a kena mosebetsing mme a qetelle ha ho hlaha mosebetsi kapa ha e mong ya kgethilweng e ba Mopresidente.
2. Ha ho motho ya lokelang ho ba Mopresidente ka makgetlo a fetang bobedi empa ha motho a kgethetswe hore a sebetse e le mopresidente, nako e pakeng tsa ho kgethwa hoo le dikgetho tse latelang tsa Mopresidente ha e ballwe e le nako ya mosebetsi.

89. Ho tloswa ha Mopresidente
1. Seboka sa Naha, ka qeto e tsheheditsweng ke bonyane pedi-tharong ya ditho tsa sona, se ka tlosa Mopresidente mosebetsing ka—
a. ho tlola Molaotheo kapa molao;
b. ho ba le boitshwaro bo bobe; kapa
c. ho hloleha ho phetha mosebetsi wa hae.
2. Mang kapa mang ya ntshitsweng mosebetsing wa Bopresidente ho ya ka karolwana (1)(a) kapa (b) a ke ke a kgola molemo ofe kapa ofe wa mosebetsi oo mme a ke ke a sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe wa setjhaba.

90. Mopresidente wa nakwana
1. Ha Mopresidente a le siyo Rephaboliking kapa a sitwa ho phetha mesebetsi ya Bopresidente kapa ho na le sekgeo sa mosebetsi kantorong ya Mopresidente, mosebeletsi wa mmuso jwalo ka ha ho hlalositswe ka tlase o tla tswa a sa tshwere marapo a Bopresidente:
a. Motlatsi wa Mopresidente.
b. Letona le thontsweng ke Mopresidente.
c. Letona le thontsweng ke ditho tse ding tsa Kabinete.
d. Sepikara, ho fihlela Seboka sa Naha se thonya setho se seng sa sona.
2. Mopresidente wa nakwana o na le boikarabelo, matla le mesebetsi ya Mopresidente.
3. Pele a nka boikarabelo, ditokelo le mesebetsi ya Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente o lokela ho ikana kapa ho itlamela botshepehi ho Rephaboliki le ho obamela Molaotheo ka moo ho ngotsweng ka teng Shejulung 2.
4. Motho eo e leng Mopresidente wa nakwana ha a se a ikanne le ho itlama ka botshepehi ho Rephaboliki ha ho hlokehe hore a phethe ho ikana le ho itlama bakeng la sehla se seng e le Mopresidente wa nakwana bakeng la nako eo, ha mopresidente ya kgethuweng a kena kantorong.

[Karolwana (4) e kentswe ke karolo 1 ya Molao wa tokiso ya pele ya Molaotheo wa 1997.]

91. Kabinete
1. Kabinete e bopilwe ka Mopresidente e leng hlooho ya Kabinete, Motlatsi wa Mopresidente le Matona.
2. Mopresidente o thonya Motlatsi wa Mopresidente le Matona, a be a ba abele matla le mesebetsi mme a ka ba tebela mosebetsing.
3. Mopresidente—
a. o lokela ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente hara ditho tsa Seboka sa Naha;
b. a ka ikgethela palo efe kapa efe feela ya Matona hara ditho tsa Seboka sa Naha; mme
c. a ka kgetha Matona a sa feteng bobedi ho bao e seng ditho tsa Seboka sa Naha.
4. Mopresidente o lokela ho thonya setho sa Kabinete hore e be moetapele wa merero ya mmuso Sebokeng sa Naha.
5. Motlatsi wa Mopresidente o lokela ho thusa Mopresidente ho phethiseng mesebetsi ya mmuso.

92. Boikarabelo
1. Motlatsi wa Mopresidente le Matona ba na le boikarabelo ka matla le mesebetsi ya phethahatso eo ba e abetsweng ke Mopresidente.
2. Ditho tsa Kabinete di na le boikarabelo mmoho le ka bomong Palamenteng mabapi le mesebetsi ya tsona.
3. Ditho tsa Kabinete di lokela—
a. ho sebetsa ho ya ka Molaotheo; mme
b. ho tekela Palamente ditlaleho tse phethahetseng ka mehla mabapi le merero e matleng a tsona.

93. Batlatsi ba Matona
1. Mopresidente a ka thonya—
a. Palo e nngwe le e nngwe ya Batlatsi ba Matona dithong tsa Seboka sa Naha;
b. Batlatsi ba Matona ba sa feteng bobedi ho tswa ka ntle ho Seboka hore ba thuse ditho tsa Kabinete mme ba ka tebelwa mosebetsing.
2. Batlatsi ba Matona ba kgethuweng ho latela karolwana (1)(b) ba ikarabella Palamenteng bakeng la matla le mesebetsi ya bona.

[Karolo 93 e lokisitswe ke karolo 7 ya Molao wa tokiso ya botshelela ya Molaotheo wa 2001.]

94. Ho tswela pele ha Kabinete ka mora dikgetho
Ha ho tshwerwe kgetho ya Seboka sa Naha, Kabinete, Motlatsi wa Mopresidente, Matona le Batlatsi ba Matona ba ntse ba na le tokelo ya ho tswella pele ka mosebetsi ho fihlela motho ya kgethetsweng ho ba Mopresidente ke Seboka se hlahlamang seo a ba a kena mosebetsing.

95. Kano kapa boitlamo
Pele Motlatsi wa Mopresidente, Matona le Batlatsi ba Matona ba qala ho sebetsa, ba lokela hore ba nke kano kapa ba itlame ka botshepehi Rephaboliking le ho ikokobelletsa Molaotheo ho ya ka moo ho ngotsweng ka teng Shejulung 2.

96. Boitshwaro ba ditho tsa Kabinete le Batlatsi ba Matona
1. Ditho tsa Kabinete le Batlatsi ba Matona ba lokela ho sebetsa ho ya ka mokgwa wa tshebetso e kgabane ya boitshwaro e balletsweng ke molao wa naha.
2. Ditho tsa Kabinete le Batlatsi ba Matona ba ke ke—
a. ba sebetsa mosebetsi o mong oo ba ka putswang ho ona.
b. ba sebetsa ka mokgwa o sa dumellaneng le maemo a bona, kapa ba ikenya maemong a nang le kotsi ya kgohlano pakeng tsa mesebetsi ya bona ya semmuso le boikarabelo ba bona; kapa
c. ba sebedisa maemo a bona kapa tsebo eo ba e tshepetsweng ho ithusa kapa ho putsa motho e mong ntle ho tshwanelo.

97. Ho fetiswa ha mesebetsi
1. Ka ho etsa kgweletso, Mopresidente a ka fetisetsa ho setho sa Kabinete—
a. tsamaiso ya molao o mong le o mong o tshepetsweng ho setho se seng; kapa
b. matla afe kapa afe kapa mosebetsi o tshepetsweng ke molao sethong se seng.

98. Kabelo ya nakwana ya mesebetsi
Mopresidente a ka abela setho se seng sa Kabinete matla kapa mosebetsi wa setho se seng se leng siyo mosebetsing kapa se sitwang ho phethisa taolo kapa mesebetsi eo.

99. Kabo ya mesebetsi
1. Setho sa Kabinete se ka abela matla le mosebetsi ofe kapa ofe o tlamehang ho phethwa ho ya ka Molao wa Palamente ho setho sa Lekgotla la Phethahatso la provense kapa lekgotla la mmasepala. Mosebetsi o tlameha ho—
a. ba le tumellano mahareng a setho sa Kabinete le setho sa Lekgotla la Phethahatso kapa Lekgotla la Masepala;
b. dumellana le Molao wa Palamente ho ya ka moo matla a lokelang kapa mosebetsi o phethilwe;
c. e sebetsa ka mora kgweletso ya Mopresidente.

100. Tlhokomelo ya Naha tsamaisong ya provense

[Sehlooho se lokisitswe ke karolo 2(a) ya Molao wa tokiso ya leshome le motso o le mong ya Molaotheo wa 2003.]

1. Ha provense e hloleha kapa e sa phethise ditshwanelo tsa yona tsa phethahatso ho ya ka Molaotheo kapa molao, lekgotla la naha le ka nka bohato bo tshwanelehang ho etsa bonnete ba ho phethisa ditshwanelo, ho kenyeletswa—
a. ho fana ka taelo e lebisitsweng lekgotleng la phethahatso la provense, e hlalosang boholo ba ho hloleha ho phethisa ditshwanelo tsa yona le ho hlalosa mehato e hlokahalang ho ka fihlella ditshwanelo tseo; le
b. ka ho nka boikarabelo ka tshwanelo e lokelang provenseng eo ho ya ka moo ho ka hlokahalang bakeng sa—
i. ho boloka maemo a bohlokwa a naha kapa ho fihlella maemo a tlase a ho nehelana ka tshebeletso;
ii. ho boloka kopano ya moruo;
iii. ho boloka tshireletso ya naha; kapa
iv. ho thibela hore provense e se ke ya etsa letho le lebe la ho nahanela provense e nngwe kapa naha yohle.

[Karolwana (1) e lokisitswe ke karolo 2(b) ya Molao wa leshome le motso o le mong ya Molaotheo wa 2003.]

2. E bang lekgotla la naha la phethahatso le kena dipakeng provenseng ho ya ka dipehelo tsa karolwana (1)(b)—
a. le tshwanetse le nehelane ka tsebiso e ngotsweng ya ho kena dipakeng ho Lekgotla la Naha la Diprovense nakong ya matsatsi a 14 ka mora ho kena dipakeng ho qadile;
b. ho kena dipakeng ho tshwanetse ho fele ebang lekgotla le dumela matsatsing a 180 ka mora hore ho kena dipakeng hoo ho qalehe kapa pheletsong ya nako eo ho kena dipakeng e sa dumellwa.
c. Lekgotla le tshwanetse le lekole ho kena dipakeng kgafetsa mme le hlahise dikeletso tse loketseng lekgotleng la phethahatso la naha.

[Karolwana (2) e fetotswe ke karolo 2(c) ya Molao wa tokiso ya leshome le motso o le mong ya Molaotheo wa 2003.]

3. Molao wa naha o ka laola tsamaiso e thehilweng ke karolo ena.

[Karolo 100 e lokisitswe ke karolo 2 ya Molao wa tokiso ya leshome le motso o le mong ya Molaotheo wa 2003.]

101. Diqeto tsa lekgotla la phethahatso
1. Qeto ya Mopresidente e tshwanetse e be e ngotsweng e bang e—
a. entswe ka molao
b. ena le ditla morao tsa molao.
2. qeto e entsweng ke Mopresidente e tshwanetse e tshehetswe ke setho sa Kabinete e bang qeto eo e ama tshebetso e nehetsweng setho sa Kabinete
3. Dikgweletso, melao le disebediswa tse ding tse ka tlasa molao di fihlellwe ke setjhaba.
4. Molao wa Naha o ka qaqisa mokgwa le boholo boo disebediswa tse hlalositsweng karolwaneng (3) di lokela ho—
a. tekwa Palamenteng; le
b. dumelwa ke Palamente.

102. Ditshisinyo tsa ho se tshepe
1. Haeba Seboka sa Naha, ka kgetho e tshehetswang ke boholo ba ditho, le fetisa tshisinyo ya ho se tshepe Kabineteng ho sa ballwe Mopresidente, Mopresidente o tshwanetse a thehe Kabinete botjha.
2. Haeba Seboka sa Naha, ka kgetho e tshehetswang ke boholo ba ditho tsa yona, se fetisa tshisinyo ya ho se tshepe ho Mopresidente, Mopresidente le ditho tse ding tsa Kabinete le Batlatsi ba Matona ba bang ba itokolle mosebetsing.