Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 9

Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa (1996)
Kgaolo 9: Metheo ya Puso e Tshehetsang Molaotheo wa Demokrasi
291735Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa — Kgaolo 9: Metheo ya Puso e Tshehetsang Molaotheo wa Demokrasi1996

181. Ho thehwa le tsamaiso ya puso
1. Metheo ena e latelang ya puso e matlafatsa demokrasi e tsamaiswang ka Molaotheo ka hara Rephaboliki:
a. Mosireletsi wa Setjhaba.
b. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho.
c. Khomeshene ya Kgothalletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Setso, Borapedi le Dipuo.
d. Khomishene ya Tekano ya Bong.
e. Mohlakisikakaretso.
f. Khomishene ya Dikgetho.
2. Metheo ena e ikemetse e laolwa feela ke Molaotheo le molao mme e lokela ho hloka leeme hape e lokela ho phethisa mesebetsi ya yona le ho sebedisa matla a ona ntle ho tshabo, kgethollo le leeme.
3. Makala a puso a lokela ho thusana le ho sireletsa metheo ena ka melao le mekgwa e meng ho netefatsa hore e ikemetse ha ena tshekamelo ena le seriti ebile e sebetsa ka katleho.
4. Ho se be motho kapa lekala la puso le itshohlometsang tshebetsong ya metheo ena.
5. Metheo ena e ikarabella Palamenteng mme e lokela ho fana ka raporoto hang ka selemo e hlahisang ka moo e sebeditseng.

Mosireletsi wa Setjhaba

182. Tshebetso ya mosireletsi wa setjhaba
1. Mosireletsi wa Setjhaba o na le matla a laolwang ke molao wa naha—
a. ho batlisisa boitshwaro mererong ya puso, kapa tsamaisong ya bohle eo ho thweng ha e a tshwaneleha kapa eo ho belaelwang hore ha e a tshwaneleha kapa e ka hlahisang ho se tshwanelehe kapa tshekamelo lehlakoreng lefe kapa lefe;
b. ho etsa tlaleho ka ketso eo; le
c. ho nka mehato e lokisang ketso eo.
2. Mosireletsi wa Setjhaba o na le matla le ditshebeletso tse ding tseo a di nehwang ke molao wa naha.
3. Mosireletsi wa Setjhaba a ke ke a batlisisa diqeto tsa lekgotla.
4. Batho le baahi bohle ba na le tokelo ya ho fihlella Mosireletsi wa Setjhaba.
5. Batho bohle ba na le tokelo ya ho fihlella tlaleho efe kapa efe e entsweng ke Mosireletsi wa Setjhaba ntle ha maemo a sa tlwaelehang jwalo ka ha a laolwa ke molao a bontsha hore e be sephiri.

183. Nako ya tshebetso
Mosireletsi wa Setjhaba o tla dula mosebetsing nako ya dilemo tse supileng tse senang ho phethwa hape.

Khomishene ya ditshwanelo tsa Botho ya Afrika Borwa

184. Mesebetsi ya Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
1. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e lokela ho—
a. kgothaletsa tlhompho ya ditokelo tsa botho le tlwaelo ya ditokelo tsa botho;
b. ho kgothaletsa tshireletso, ntshetsopele le ho fihlellwa ha ditokelo tsa botho; le
c. ho hlokomela le ho hlahloba ho phethahatswa ha ditokelo tsa botho Rephaboliking
2. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e na le matla jwalo ka ha e laolwa ke molao wa naha mme e tlamehile ho phetha mosebetsi wa yona, ho kenyeletswa le matla—
a. a ho fuputsa le ho tlaleha ka ho phethwa ha ditokelo tsa botho;
b. ho nka bohato ho fumana ho ka sebetsana le moo ditokelo tsa botho di tlotsweng teng;
c. ho tswela pele ka dipatlisiso; le
d. ho ruta.
3. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e lokela ho fumana tlhahisoleseding ho tswa lekaleng la puso le amehang selemo le selemo mabapi le mehato e nkilweng hore ho phethiswe ditokelo tse Biling ya Ditokelo mabapi le matlo, bophelo bo botle, dijo, metsi, paballeho kahisanong, thuto le tikoloho.
4. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa e na le matla a ekelletsang le mesebetsi e beilweng ke molao wa Naha.

Khomishene ya Phahamiso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Setso, Bodumedi le Ditjhaba ka Dipuo tse fapaneng

185. Mesebetsi ya khomishene
1. Maikemisetso a Khomishene bakeng la ho phahamisa le tshireletso ya ditokelo tsa setjhaba sa setso, bodumedi le puo ke—
a. Ho kgothalletsa hlompho ya ditokelo tsa merabe ya setso, bodumedi le dipuo.
b. Ho kgothaletsa ho aha le ho hodisa kgotso, setswalle, botho le mamello baahisaneng ba setso, bodumedi le dipuo tse tshwanang tse thehilweng ka tekano, ho sa kgethollwe le ho ikamahanya ka bolokolohi.
c. Ho kgothalletsa ho theha kapa ho elellwa, ka tlasa molao wa naha, lekgotla la setho le tse ding bakeng la motse kapa metse ka hara Afrika Borwa.
2. Ka taolo ya molao wa naha, Khomishene e na le matla ao e a hlokang bakeng la ho fihlella sepheo sa yona mmoho le matla a ho lekola, ho fuputsa, ho batlisisa, ho ruta, ho nonya maikutlo, ho eletsa le ho etsa diraporoto ka ditaba tse amang ditokelo tsa merabe ya setso, bodumedi le dipuo tse tshwanang.
3. Khomishene e ka etsa tlaleho ka eng kapa eng e amanang le matla le tshebetso ya yona Khomisheneng ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa hore yona e tle e e fuputse.
4. Ka taolo ya molao wa naha, Khomishene e na le matla le mesebetsi e meng e tlatselletsang.

186. Sebopeho sa khomishene
1. Palo ya ditho tsa Khomishene ya Kgothaletso le Tshireletso ya Tekano ya Bong e lokela ho kgothalletsa tlhokomelo ya tekano ya bong le ntshetsopele, tshireletso le phihlello ya tekano ya bong.
2. Sebopeho sa Khomishene se lokela ho—
a. emelwa ke baemedi bohle ba setso, tumelo le dipuo tsa Afrika Borwa; le
b. ho bontsha sebopeho sa bong ba Afrika Borwa ka bophara.

Khomishene ya tekano ya bong

187. Mesebetsi ya khomishene ya tekano ya bong
1. Khomishene ya Tekano ya Bong e lokela ho phahamisa tlhompho ya tekano ya bong le tshireletso, tswelopelo le phihlello ya tekano ya bong.
2. Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla a ho phetha mesebetsi ya yona, ho kenyeletsa matla a ho lekola, ho hlahlobisisa, ho ruta, ho susumelletsa, ho eletsa le ho etsa tlaleho ka dintho tse amang tekano ya bong. Matla ana a laolwa ke molao wa naha.
3. Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla le ditshebetso tse ding tse laolwang ke molao wa naha.

Mohlakisikakaretso

188. Mesebetsi ya mohlakisikakaretso
1. Mohlakisikakaretso o lokela ho hlakisa a be a etse tlaleho ka melato, ditlaleho tsa ditjhelete le taolo ya tjhelete ya—
a. mafapha ohle a puso ya naha le ya diprovense;
mebuso yohle ya metse, le
b. lekala lefe kapa lefe leo motheo wa lona o sebetsang diakhaonto tse hlokwang ke molao wa naha kapa provense hore e hlahlojwe ke Mohlakisikakaretso .
2. Ho ya ka mesebetsi e ekeditsweng jwalo ka ha e balletswe karolwaneng (1), mme e ikamahantse ho ya ka molao o mong le o mong, Mohlakisikakaretso a ka hlahloba le ho tlaleha ka melato, ditjhelete le taolo ya tjhelete ya—
a. mokgatlo ofe kapa ofe o fuwang tjhelete ke Letlole la Lekeno la Naha kapa Letlole la Lekeno la Provense kapa masepala; kapa
b. mokgatlo ofe kapa ofe o fuweng matla ho ya ka molao ofe kapa ofe wa ho amohela tjhelete mabapi le ditabatabelo tsa setjhaba.
3. Mohlakisikakaretso o lokela ho hlakisa a be a fane ka ditlaleho Sebokeng sa Lekgotla la ketsamolao le balaodi ba bang ba angwang ke tlhakiso jwalo ka ha molao wa naha o hlalosa. Ditlaleho tsohle di lokela ho phatlalatswa. Mohlakisiakaretso o na le Matla a ekeditsweng le mesebetsi e balletsweng ke molao wa naha.
4. Mohlakisikakaretso o na le matla le mesebetsi e meng e hlalositsweng ke molao wa naha.

189. Nako ya tshebetso
Mohlakisikakaretso o dula mosebetsing nako ya dilemo tse mahareng a tse hlano le tse leshome tse sa tsotsollotsweng.

Khomishene ya Dikgetho

190. Mesebetsi ya Khomishene ya Kgetho
1. Khomishene ya Dikgetho e lokela—
a. ho laola dikgetho tsa naha, provense le makgotla a molao a masepala ho latela molao wa naha;
b. ho netefatsa ditsamaiso ka bolokolohi le ntle ho leeme; le
c. ho phatlalatsa diphetho ka pelepele ka moo ho ka kgonahalang jwalo ka ho molao o bolela.
2. Khomishene ya Dikgetho e na le matla le tshebetso eketsehileng ho latela molao wa naha.

191. Sebopeho sa khomishene ya dikgetho
Khomishene ya Dikgetho e lokela ho botjwa bonyane ka batho ba bararo. Palo ya ditho le nako ya tshebetso e lokelwa ho bewa ke molao wa naha.

Bolaodi bo ikemetseng ba ho laola kgaso

192. Bolaodi ba kgaso
Molao wa naha o lokela ho hloma bolaodi bo ikemetseng hore bo tle bo tsamaise kgaso molemong wa setjhaba le ho etsetsa ho hloka leeme le hore ho hlahiswe mehopolo e pepeneneng ya baahi ba Afrika Borwa.

Dipehelo tse akaretsang

193. Ho kenngwa mesebetsing
1. Mosireletsi wa Setjhaba le ditho tsa Khomishene efe kapa efe e qapilweng ka Kgaolo ena di lokela hore e be banna le basadi—
a. ba e leng MaAfrika Borwa;
b. ba loketse mosebetsi ebile ke batho ba tshepahalang ho ka sebetsa mosebetsi oo ba o filweng; le
c. ho sebetsa ho ya ka ditlhoko dife kapa dife tseo molao wa naha le di batlang.
2. Ho hlokeha ha Khomishene e thehilweng ke Kgaolo ena ho totobatsa ka sebopeho sa bophara ba morabe le bong ba Afrika Borwa bo lokela ho hopolwa ha ho hirwa ditho.
3. Mohlakisikakaretso o lokela hore e be mosadi kapa monna eo e leng moahi wa Afrika Borwa mme e be motho ya tshwanelehang le ya matla ho ka phetha mosebetsi oo. Tsebo e ikgethileng kapa nakwana a sebetsa ka ho hlakisa dibuka tsa molao, ditjhelete tsa mmuso le taolo ya setjhaba di nkelwe hloohong ha ho kgethwa Mohlakisikakaretso.
4. Mopresidente, ka dikgothaletso tsa Seboka sa Naha, a kgethe Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlakisikakaretso le ditho tsa—
a. Khomishene ya Ditokelo tsa Botho;
b. Khomishene ya Tekano ya Bong; le
c. Khomishene ya Dikgetho.
5. Seboka sa Naha se lokela ho kgothaletsa batho ba—
a. kgethilweng ke komiti ya Seboka ka ditho tse lekelekanang tsa mekga yohle e emetsweng Sebokeng; le
b. amohetsweng ke Seboka ka qeto e amohetsweng ka kgetho e tsheheditsweng—
i. bonyane diphesente tse 60 tsa ditho tsa Seboka, haeba dikgothaletso di ama ho kgethwa ha Mosireletsi wa Setjhaba kapa Mohlakisikakaretso; kapa
ii. boholo ba ditho tsa Seboka, haeba dikgothaletso tse amang dikgetho tsa ditho tsa Khomishene.
6. Ho kenya letsoho ha setjhaba dikgothaletsong ho ka ba teng jwalo ka ha ho nahannwe karolong 59(1)(a).

194. Ho ntshwa mosebetsing
1. Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlakisikakaretso kapa setho sa Khomishene e theilweng tlasa Kgaolo ena se ka ntshwa mosebetsing feela ka lebaka la—
a. boitshwaro bo bobe, ho sa kgone kapa ho se tsebe;
b. phihlello ya boemo boo ka komiti ya Seboka sa Naha; le
kamohelo ya Palamente ya qeto e batlang hore motho eo a tloswe mosebetsing.
2. Qeto ya Seboka sa Naha e amang ho tloswa mosebetsing ha—
a. Mosireletsi wa Setjhaba kapa Mohlakisikakaretso ho lokela ho amohelwa ka kgetho e tshehetswang ya bonyane pedi tharong ya ditho tsa Seboka; kapa
b. setho sa khomishene se lokela ho amohelwa ka tshehetso ya kgetho ya boholo ba ditho tsa Seboka.
3. Mopresidente—
a. a ka emisa mosebetsi nakwana nakong efe kapa efe ka mora ho qala ha dipuisano tsa komiti ya Seboka sa Naha hore motho eo a tloswe; le
b. ho tlosa motho mosebetsing ka mora hore Seboka se amohele qeto e ipiletsang hore motho eo a tloswe.